Mareka
Khaolo 15:11-17
BIBELE e Halalelang
11Empa baprista ba baholo ba hlohlelletsa bongata hore a ba lokollele Barabase.
12Pilato a boela a bua, a re ho bona: Ha ho le jwalo, le rata hore ke etseng ka eo le reng ke morena wa Bajuda?
13Yaba ba boela ba howa, ba re: Mo thakgise!
14Pilato a re ho bona: Na o entse bobe bofe? Jwale ba totisa ho howa, ba re: Mo thakgise!
15Mme kahobane Pilato a ne a rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme eitse hobane a shape Jesu, a mo neela ho thakgiswa.
16Bahlabani ba mo isa lebaleng, ke ho re, lekgotla le leholo, mme ba bokella sehlopha sohle.
17Ba mo apesa kobo ya purepera; ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong;