Mareka
Khaolo 15:17-23
BIBELE e Halalelang
17Ba mo apesa kobo ya purepera; ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong;
18mme ba qala ho mo dumedisa, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!
19Ba mmata hloho ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela.
20Eitse hobane ba mo some, ba mo hlobodisa kobo ya purepera, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.
21Ba qobella e mong ya fetang, a etswa masimong, hore a jare sefapano sa Jesu; e ne e le Simone wa Sirene, ntata Aleksandere le Rufuse.
22Ba mo isa thoteng ya Golgotha; ha ho fetolwa, ke ho re, thota ya lehata.
23Mme ba mo nea veine e tswakilweng ka mira, hore a e nwe; empa a se ke a e nka.