Mareka
Khaolo 15:20-26
BIBELE e Halalelang
20Eitse hobane ba mo some, ba mo hlobodisa kobo ya purepera, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.
21Ba qobella e mong ya fetang, a etswa masimong, hore a jare sefapano sa Jesu; e ne e le Simone wa Sirene, ntata Aleksandere le Rufuse.
22Ba mo isa thoteng ya Golgotha; ha ho fetolwa, ke ho re, thota ya lehata.
23Mme ba mo nea veine e tswakilweng ka mira, hore a e nwe; empa a se ke a e nka.
24Ha ba mo thakgisitse, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho, ho tseba seo e mong le e mong a tla se nka.
25E ne e le hora ya boraro ha ba mo thakgisa.
26Lengolo la molato wa hae le ne le ngodilwe, le re: Morena wa Bajuda.