Mareka
Khaolo 16:10-16
BIBELE e Halalelang
10Eo a ya, a bolella ba neng ba na le Jesu, ba le bofifing, ba lla.
11Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.
12Kamora tseo, a itlhahisa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya ba ya naheng.
13Le bona ba kgutla, ba phetela ba bang; empa le bona ha ba ka ba ba dumela.
14Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
15A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.
16Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa.