Mareka
Khaolo 3:1-4
BIBELE e Halalelang
1 Jesu a boela a kena sinagogeng, mme motho o ne a le teng moo ya omeletseng letsoho.
2Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose.
3Yaba Jesu o re ho motho ya letsoho le omeletseng: Ema mona, hare.
4A ntoo re ho bona: Haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho kapa ho mmolaya, ho lokelang ho etswa ka Sabatha ke hofe na? Empa ba kgutsa.