Mareka
Khaolo 3:10-16
BIBELE e Halalelang
10Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.
11Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.
12Mme o ne a e laya haholo, hore e se ke ya mmolela.
13Yaba o nyolohela thabeng, a ipiletsa bao a ba ratang, mme ba tla ho yena.
14A bea ba leshome le metso e mmedi, hore ba be ho yena, mme a ba rome ho bolela Evangeli,
15mme ba be le matla a ho fodisa malwetse, le a ho leleka batemona.
16Ke Simone, eo a mo ekeleditseng lebitso la Petrose;