Mareka
Khaolo 3:25-31
BIBELE e Halalelang
25le ntlo ha e kgaohane ho itwantsha, ntlo eo e ke ke ya tiya.
26Le yena Satane, ha a itwantsha, a kgaohana, a ke ke a tiya, empa e se e le ho fela ha hae.
27Ha ho motho ya ka kenang tlung ya senatla ho phahla mesebetsi ya sona, a eso ho tlame senatla pele, ebe hona a phahlang ntlo ya sona.
28Kannete ke re ho lona: Bara ba batho ba ka tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba nyefotseng ka tsona.
29Empa ya nyefolang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o tla ba le molato wa sebe se sa feleng.
30O ne a rialo kahobane ba ne ba re: O na le moya o ditshila.
31Mmae le banababo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa.