Mareka
Khaolo 3:28-34
BIBELE e Halalelang
28Kannete ke re ho lona: Bara ba batho ba ka tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba nyefotseng ka tsona.
29Empa ya nyefolang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o tla ba le molato wa sebe se sa feleng.
30O ne a rialo kahobane ba ne ba re: O na le moya o ditshila.
31Mmae le banababo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa.
32Mme bongata bo ne bo dutse, bo mo teetse hare. Yaba ba re ho yena: Bona, mmao le banabeno ke bana kantle, ba o batla.
33A ba araba, a re: Mme le banabeso ke bomang?
34A ba a habanya ba dutseng ba mo teetse hare, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana;