Mareka
Khaolo 3:31-35
BIBELE e Halalelang
31Mmae le banababo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa.
32Mme bongata bo ne bo dutse, bo mo teetse hare. Yaba ba re ho yena: Bona, mmao le banabeno ke bana kantle, ba o batla.
33A ba araba, a re: Mme le banabeso ke bomang?
34A ba a habanya ba dutseng ba mo teetse hare, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana;
35hobane ya etsang thato ya Modimo, ke yena e leng ngwaneso le kgaitsedi ya ka le mme.