Mareka
Khaolo 4:12-18
BIBELE e Halalelang
12e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.
13A boela a re ho bona: Hleka ha le tsebe setshwantsho seo na? Ha ekaba ho jwalo, le ka tseba jwang ditshwantsho tsohle?
14Mojadi ke ya jalang lentswe.
15Ba pela tsela, moo lentswe le jalwang teng, ke bao, ereng ha ba le utlwile, Satane a phakise a tle ho bona, mme a ba amohe lentswe le jadilweng pelong tsa bona.
16Ho jwalo le ba amohetseng peo majweng; ke bao ereng ha ba utlwile lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo;
17ba mpa ba se na motso ka ho bona, e le ba motsotso o se okae feela; mme ha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, ba phakise ba kgoptjwe.
18Ba amohetseng peo meutlweng, ke ba utlwang lentswe;