Mareka
Khaolo 4:19-25
BIBELE e Halalelang
19empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.
20Ba amohetseng peo mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le amohela, mme ba beha; hlaku e nngwe e behe tse mashome a mararo, e nngwe e behe tse mashome a tsheletseng, e nngwe e behe tse lekgolo.
21 Jesu a ntoo re ho bona: Hleka lebone le tliswa hore le bewe katlasa morula, kapa katlasa malao na? Ana hase hore le hlongwe kandelareng na?
22Hobane ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le hlaha pontsheng; hape, ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le etla pepeneneng.
23Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
24A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.
25Hobane ya nang le ntho, o tla boela a newe, athe ya se nang letho, ntho eo a nang le yona o tla e amohuwa.