Mareka
Khaolo 4:23-29
BIBELE e Halalelang
23Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
24A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.
25Hobane ya nang le ntho, o tla boela a newe, athe ya se nang letho, ntho eo a nang le yona o tla e amohuwa.
26Yaba o re: Mmuso wa Modimo o jwaloka motho ha a jadile peo tshimong.
27Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motshehare le bosiu, peo e nne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng.
28Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;
29mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.