Mareka
Khaolo 4:25-31
BIBELE e Halalelang
25Hobane ya nang le ntho, o tla boela a newe, athe ya se nang letho, ntho eo a nang le yona o tla e amohuwa.
26Yaba o re: Mmuso wa Modimo o jwaloka motho ha a jadile peo tshimong.
27Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motshehare le bosiu, peo e nne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng.
28Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;
29mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.
30Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?
31O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.