Mareka
Khaolo 4:29-35
BIBELE e Halalelang
29mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.
30Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?
31O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.
32Empa, ha e se e jadilwe, e hole, mme e fete meroho yohle ka boholo, e etse makala a maholo, mme dinonyana tsa lehodimo di ahe moriting wa yona.
33A nna a ba bolella lentswe la Modimo ka ditshwantsho tse ngata tse jwalo, kamoo ba neng ba ka lokela ho utlwa kateng.
34O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.
35Ka tsatsi lona leo, ha e le mantsiboya, a re ho bona: A re tsheleleng mose.