Mareka
Khaolo 4:5-11
BIBELE e Halalelang
5Dihlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata; tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.
6Tsatsi ha le tjhaba, tsa pona, mme tsa etjha ke ho hloka metso.
7Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ha e hola, ya di pupetsa, tsa sitwa ho beha dijo.
8Tse ding tsa wela mobung o motle, tsa beha dijo, tsa mela, tsa hola; e nngwe ya beha tse mashome a mararo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse lekgolo.
9Mme a re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe.
10Ha a le kathoko, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa setshwantsho seo.
11Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;