Mareka
Khaolo 4:9-15
BIBELE e Halalelang
9Mme a re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe.
10Ha a le kathoko, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa setshwantsho seo.
11Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;
12e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.
13A boela a re ho bona: Hleka ha le tsebe setshwantsho seo na? Ha ekaba ho jwalo, le ka tseba jwang ditshwantsho tsohle?
14Mojadi ke ya jalang lentswe.
15Ba pela tsela, moo lentswe le jalwang teng, ke bao, ereng ha ba le utlwile, Satane a phakise a tle ho bona, mme a ba amohe lentswe le jadilweng pelong tsa bona.