Mareka
Khaolo 6:25-31
BIBELE e Halalelang
25Morwetsana a phakisa a kena ka mafolofolo ho morena, a kopa, a re: Ke rata ho fuwa ke wena, hona jwale, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
26Morena a swaba haholo, a mpa a tshaba ho hana ho yena ka baka la kano ya hae le la ba dutseng dijong le yena.
27A phakisa a roma mohlabani, a mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Yaba mohlabani o ya, a mo kgaola hlooho teronkong;
28a tlisa hlooho ya hae ka mokeke, a e nea morwetsana, mme morwetsana a e nea mmae.
29Barutuwa ba Johanne, ha ba utlwa, ba ya, ba nka setopo sa hae, mme ba se bea lebitleng.
30Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng batho.
31A ba bolella, a re: Tloong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba etla, ba bang ba eya, mme baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.