Mareka
Khaolo 6:27-33
BIBELE e Halalelang
27A phakisa a roma mohlabani, a mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Yaba mohlabani o ya, a mo kgaola hlooho teronkong;
28a tlisa hlooho ya hae ka mokeke, a e nea morwetsana, mme morwetsana a e nea mmae.
29Barutuwa ba Johanne, ha ba utlwa, ba ya, ba nka setopo sa hae, mme ba se bea lebitleng.
30Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng batho.
31A ba bolella, a re: Tloong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba etla, ba bang ba eya, mme baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.
32Ba kena sekepaneng, ba ya feelleng ba nnotshi.
33Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.