Mareka
Khaolo 6:28-34
BIBELE e Halalelang
28a tlisa hlooho ya hae ka mokeke, a e nea morwetsana, mme morwetsana a e nea mmae.
29Barutuwa ba Johanne, ha ba utlwa, ba ya, ba nka setopo sa hae, mme ba se bea lebitleng.
30Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng batho.
31A ba bolella, a re: Tloong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba etla, ba bang ba eya, mme baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.
32Ba kena sekepaneng, ba ya feelleng ba nnotshi.
33Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.
34Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.