Mareka
Khaolo 6:31-37
BIBELE e Halalelang
31A ba bolella, a re: Tloong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba etla, ba bang ba eya, mme baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.
32Ba kena sekepaneng, ba ya feelleng ba nnotshi.
33Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.
34Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
35Tsatsi ha le se le ile, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, hape e se e le mantsiboya;
36ba kgutlise, ba ye metsaneng le metseng e re teetseng hare, ba ithekele seo ba ka se jang.
37A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?