Mareka
Khaolo 6:38-44
BIBELE e Halalelang
38A re ho bona: Le na le mahobe a makae? Eyang, le bone. Ha ba tsebile, ba re: A mahlano, le dihlapi tse pedi.
39Yaba o ba laela, a re, ba dudise batho bohle ka dihlophahlopha, hodima jwang bo botala.
40Ba dula, ba arohile ka makgolo le ka mashome a mahlano.
41Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.
42Ba eja kaofela, ba ba ba kgora.
43Mme ba nka diroto tse leshome le metso e mmedi, tse tletseng dingwathwana, le wona marathana a dihlapi.
44Athe ba jeleng mahobe e ne e batlile e eba banna ba dikete tse hlano.