Mareka
Khaolo 6:4-10
BIBELE e Halalelang
4Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlonepho haese naheng ya habo, le ho ba habo, le tlung ya hae.
5A sitwa ho etsa mohlolo moo, haese wa ho fodisa ba kulang ba se ba kae, ka ho ba bea matsoho hodimo.
6Mme a makala ke ho se dumele ha bona. A ntoo tjhalaka le metsana e kathoko, a ntse a ruta.
7Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi; a ba fa matla a ho hlola meya e ditshila;
8a ba laela, hore ba se ke ba nkela tsela letho, haese lere feela; ba se ke ba nka mokotla le bohobe, leha e le tjhelete ya koporo ka maqhaameng a bona;
9ba mpe ba rwale meqhathatso, mme ba se ke ba apara kobo tse pedi.
10A re ho bona: Hohle moo le kenang tlung ha e mong, le dule teng, le tle le be le tlohe teng.