Mareka
Khaolo 6:41-47
BIBELE e Halalelang
41Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.
42Ba eja kaofela, ba ba ba kgora.
43Mme ba nka diroto tse leshome le metso e mmedi, tse tletseng dingwathwana, le wona marathana a dihlapi.
44Athe ba jeleng mahobe e ne e batlile e eba banna ba dikete tse hlano.
45 Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.
46Yare ha a bo kgutlisitse, a ya thabeng ho rapela.
47Eitse ha ho se ho phirimile, sekepana sa be se le hara lewatle, yena a sa le mose wane a nnothsi.