Mareka
Khaolo 6:47-53
BIBELE e Halalelang
47Eitse ha ho se ho phirimile, sekepana sa be se le hara lewatle, yena a sa le mose wane a nnothsi.
48A ba bona ba tsielehile haholo ke ho tsamaisa sekepana, hobane moya o ne o ba hanela. Ha e batla e eba tebelo ya bone ya bosiu, a tla ho bona, a ntse a tsamaya hodima lewatle, yaka o a ba feta.
49Jwale, ha ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba hloma eka ke sethotsela, mme ba meketsa;
50hobane ba ne ba mmona kaofela, mme ba ne ba tshohile; empa a phakisa a bua le bona a re ho bona: Kgothahalang, ke nna, se tshabeng!
51A hlwella ho bona ka sekepaneng; yaba moya o a kgutsa, mme ba makala kahare ho bona ka ho fetisisa, ba ba ba hlollwa;
52hobane ba ne ba sa ka ba ela mohlolo wa mahobe sedi, kahobane pelo tsa bona di ne di le thata.
53Yare ha ba tsheletse mose, ba leba nqa naheng ya Genesarethe, mme ba fihla lebopong.