Mareka
Khaolo 6:49-55
BIBELE e Halalelang
49Jwale, ha ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba hloma eka ke sethotsela, mme ba meketsa;
50hobane ba ne ba mmona kaofela, mme ba ne ba tshohile; empa a phakisa a bua le bona a re ho bona: Kgothahalang, ke nna, se tshabeng!
51A hlwella ho bona ka sekepaneng; yaba moya o a kgutsa, mme ba makala kahare ho bona ka ho fetisisa, ba ba ba hlollwa;
52hobane ba ne ba sa ka ba ela mohlolo wa mahobe sedi, kahobane pelo tsa bona di ne di le thata.
53Yare ha ba tsheletse mose, ba leba nqa naheng ya Genesarethe, mme ba fihla lebopong.
54Eitse ha ba tswile sekepaneng, batho ba teng ba mo tseba kapele;
55mme ba mathela naheng eo yohle, ba qala ho tlisa ba bohloko ka diphate tsa bona, moo ba mo utlwang a le teng.