Mareka
Khaolo 6:51-56
BIBELE e Halalelang
51A hlwella ho bona ka sekepaneng; yaba moya o a kgutsa, mme ba makala kahare ho bona ka ho fetisisa, ba ba ba hlollwa;
52hobane ba ne ba sa ka ba ela mohlolo wa mahobe sedi, kahobane pelo tsa bona di ne di le thata.
53Yare ha ba tsheletse mose, ba leba nqa naheng ya Genesarethe, mme ba fihla lebopong.
54Eitse ha ba tswile sekepaneng, batho ba teng ba mo tseba kapele;
55mme ba mathela naheng eo yohle, ba qala ho tlisa ba bohloko ka diphate tsa bona, moo ba mo utlwang a le teng.
56Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.