Mareka
Khaolo 6:7-13
BIBELE e Halalelang
7Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi; a ba fa matla a ho hlola meya e ditshila;
8a ba laela, hore ba se ke ba nkela tsela letho, haese lere feela; ba se ke ba nka mokotla le bohobe, leha e le tjhelete ya koporo ka maqhaameng a bona;
9ba mpe ba rwale meqhathatso, mme ba se ke ba apara kobo tse pedi.
10A re ho bona: Hohle moo le kenang tlung ha e mong, le dule teng, le tle le be le tlohe teng.
11Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.
12Yaba ba tsamaya, ba bolella batho hore ba bake.
13Ba leleka batemona ba bangata, mme ba tlotsa ba kulang ba bangata ka ole, ba ba fodisa.