Mareka
Khaolo 7:14-20
BIBELE e Halalelang
14Yare hobane a biletse bongata bohle ho yena, a re ho bona: Mmameleng kaofela, le utlwisise:
15Ha ho letho le kantle ho motho le ka tsebang ho mo silafatsa, ha le kena ka ho yena; empa tse tswang ka ho motho, ke tsona tse mo silafatsang.
16Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
17Yare ha a kene tlung, a tlohile ho bongata, barutuwa ba hae ba mmotsa setshwantsho seo.
18A re ho bona: Hleka le lona le sa hloka kelello na? Ha le utlwisise keng hobane tsohle tse kantle, ha di kena ka ho motho, di ke ke tsa tseba ho mo silafatsa?
19Kahobane ha di kene ka pelong ya hae, di mpa di ya ka mpeng, mme di tswela mohlabeng, kamoo dijo tsohle di ntseng di hlweka kateng.
20A ba a re: Tse tswang ka ho motho, ke tsona tse silafatsang motho.