Mareka
Khaolo 7:18-24
BIBELE e Halalelang
18A re ho bona: Hleka le lona le sa hloka kelello na? Ha le utlwisise keng hobane tsohle tse kantle, ha di kena ka ho motho, di ke ke tsa tseba ho mo silafatsa?
19Kahobane ha di kene ka pelong ya hae, di mpa di ya ka mpeng, mme di tswela mohlabeng, kamoo dijo tsohle di ntseng di hlweka kateng.
20A ba a re: Tse tswang ka ho motho, ke tsona tse silafatsang motho.
21Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,
22le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.
23Manyala ao wohle a tswa kahare, mme ke wona a silafatsang motho.
24Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;