Mareka
Khaolo 7:21-27
BIBELE e Halalelang
21Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,
22le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.
23Manyala ao wohle a tswa kahare, mme ke wona a silafatsang motho.
24Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;
25hobane mosadi e mong eo ngwanana wa hae a kenweng ke moya o ditshila, o ne a mo utlwile, mme a tla, a kgumama maotong a hae.
26Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiro-Fenisia. A mo rapela hore a leleke motemona, a tswe ho moradi wa hae.
27Empa Jesu a re ho yena: Lesa bana ba kgore pele; hobane ha ho hotle ho amoha bana bohobe, ho bo akgella dintjanyana.