Mareka
Khaolo 7:27-33
BIBELE e Halalelang
27Empa Jesu a re ho yena: Lesa bana ba kgore pele; hobane ha ho hotle ho amoha bana bohobe, ho bo akgella dintjanyana.
28Eo a mpa a araba, a re ho Jesu: E, Morena! empa, leha ho le jwalo, dintjanyana le tsona di ye di je makumane a bana katlasa tafole.
29A re ho yena: Ka baka la polelo eo, eya, motemona o se a tswile ho moradi wa hao.
30Mme ha a fihla tlung ya hae, a fumana moradi wa hae a robetse malaong, le motemona a tswile.
31A boela a tloha naheng ya Tire, a leba nqa lewatleng la Galelea ka la Sidone, a haola naha ya Dekapolise.
32Mme ba tlisa ho yena motho ya sa utlweng, ya semumu, mme ba rapela Jesu hore a mmee letsoho hodimo.
33Jesu a mo ntsha hara bongata, a mo nkela thoko, a mo kenya menwana ditsebeng; a tshwela mathe, a ama leleme la hae ka wona.