Mareka
Khaolo 7:30-36
BIBELE e Halalelang
30Mme ha a fihla tlung ya hae, a fumana moradi wa hae a robetse malaong, le motemona a tswile.
31A boela a tloha naheng ya Tire, a leba nqa lewatleng la Galelea ka la Sidone, a haola naha ya Dekapolise.
32Mme ba tlisa ho yena motho ya sa utlweng, ya semumu, mme ba rapela Jesu hore a mmee letsoho hodimo.
33Jesu a mo ntsha hara bongata, a mo nkela thoko, a mo kenya menwana ditsebeng; a tshwela mathe, a ama leleme la hae ka wona.
34A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!
35Yaba ditsebe tsa hae di thiboloha hang, mothapo wa leleme la hae wa lokoloha, mme a bua hantle.
36A ba laya hore ba se ke ba bolella motho, empa ha a ba laile haholo, ya eba hona ba bolelang ka ho fetisisa.