Mareka
Khaolo 8:11-17
BIBELE e Halalelang
11Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.
12Jesu a sisimoha moyeng wa hae, a re: Moloko ona o kopelang pontsho? Kannete ke a le bolella, ke re: Moloko ona ha o ka ke wa newa pontsho.
13A ba a ba tlohela, a boela a kena sekepaneng, a tshelela mose wane.
14 Barutuwa ba ne ba lebetse ho nka mahobe, ba ena le bohobe bo le bong feela sekepaneng.
15Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
16Yaba ba eletsana, ba re: Eka ke hobane re se na mahobe.
17Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Na le lekanya hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na? Ana ha le eso ho lemohe, le ho utlwisisa na? Dipelo tsa lona di sa le thata le jwale na?