Mareka
Khaolo 8:16-22
BIBELE e Halalelang
16Yaba ba eletsana, ba re: Eka ke hobane re se na mahobe.
17Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Na le lekanya hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na? Ana ha le eso ho lemohe, le ho utlwisisa na? Dipelo tsa lona di sa le thata le jwale na?
18Le na le mahlo, ha le bone keng? Le na le ditsebe, ha le utlwe keng? Ha le elellwe keng?
19Na mohla ke ngwathelang ba dikete tse hlano mahobe a mahlano, le nkile diroto tse kae tse tletseng dingwathwana? Ba re ho yena: Tse leshome le metso e mmedi.
20Le mohla ke ngwathelang ba kete tse nne mahobe a supileng, le nkile diroto tse kae, tse tletseng dingwathwana na? Ba re: Tse supileng.
21A re ho bona: Ho ya kang, ha le sa utlwisise?
22Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.