Mareka
Khaolo 8:27-33
BIBELE e Halalelang
27Jesu le barutuwa ba hae ba ikela metsaneng ya Sesarea wa Filipi; ba re ba sa le tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Batho ba re ke mang na?
28Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o e mong wa baporofeta.
29Yaba o re ho bona: Hleka lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.
30Mme a ba laya hore ba se ke ba mmolela ho motho le a mong.
31Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.
32A bolela taba eo pepeneneng. Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela.
33Empa yena a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.