Mareka
Khaolo 8:31-37
BIBELE e Halalelang
31Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.
32A bolela taba eo pepeneneng. Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela.
33Empa yena a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.
34Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
35Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae, ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo boloka.
36Hobane motho leha a ka rua lefatshe lohle, mme a timellwa ke moya wa hae, etlaba o ruileng ka lona na?
37Kapa motho moya wa hae o tla o reka kang?