Mareka
Khaolo 8:4-10
BIBELE e Halalelang
4Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: Ba ka batlelwa kae mahobe ao ba ka a kgorang feelleng lena?
5A ba botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supile.
6Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata.
7Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.
8Mme ba eja, ba kgora, ha ba ha nkwa diroto tse supileng tsa dingwathwana tse setseng.
9Athe ba jeleng e batlile e eba dikete tse nne. A ntoo ba kgutlisa.
10Yaba o phakisa a kena sekepaneng le barutuwa ba hae, mme a ya naheng ya Dalmanutha.