Mareka
Khaolo 9:11-17
BIBELE e Halalelang
11Yaba ba mmotsa, ba re: Bangodi ba bolela keng hore e ka kgona Elia a tle pele?
12A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?
13Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ba mo entse kahohle kamoo ba ratileng kateng, jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae.
14Ha a fihla ho barutuwa ba bang, a bona bongata bo boholo bo ba teetse hare, le bangodi ba pheile kgang le bona.
15Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.
16A botsa bangodi, a re: Le pheile kgang ya eng le bona?
17E mong hara bongata a araba, a re: Moruti, ke tlisitse mora wa ka ho wena, o na le moya o sa bueng.