Mareka
Khaolo 9:13-19
BIBELE e Halalelang
13Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ba mo entse kahohle kamoo ba ratileng kateng, jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae.
14Ha a fihla ho barutuwa ba bang, a bona bongata bo boholo bo ba teetse hare, le bangodi ba pheile kgang le bona.
15Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.
16A botsa bangodi, a re: Le pheile kgang ya eng le bona?
17E mong hara bongata a araba, a re: Moruti, ke tlisitse mora wa ka ho wena, o na le moya o sa bueng.
18Hohle ha o mo tshwara, o mo teanya fatshe, a ntshe makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; ke boleletse barutuwa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba sitwa.
19Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.