Mareka
Khaolo 9:8-14
BIBELE e Halalelang
8Ba phakisa ba qamaka, empa ba se ke ba hlola ba bona motho e mong ho bona haese Jesu a nnotshi.
9Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laya hore ba se ke ba bolella motho seo ba se boneng, haese mohla Mora motho a seng a tsohile bafung.
10Ba boloka polelo eo ka ho bona, ba botsana hore ho tsoha bafung ke ho reng na?
11Yaba ba mmotsa, ba re: Bangodi ba bolela keng hore e ka kgona Elia a tle pele?
12A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?
13Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ba mo entse kahohle kamoo ba ratileng kateng, jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae.
14Ha a fihla ho barutuwa ba bang, a bona bongata bo boholo bo ba teetse hare, le bangodi ba pheile kgang le bona.