Eksoda
Khaolo 1:2-8
BIBELE e Halalelang
2Rubene, Simeone, Levi le Juda;
3Issaskare, Sabulone, le Benjamine;
4Dane le Nefthali, Gade le Asere.
5Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.
6Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela.
7Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.
8Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa.