Eksoda
Khaolo 1:4-10
BIBELE e Halalelang
4Dane le Nefthali, Gade le Asere.
5Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.
6Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela.
7Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.
8Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa.
9A re ho setjhaba sa hae: Bonang, setjhaba sa bana ba Iseraele ke sena se re feta ka bongata le ka matla
10Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena.