Eksoda
Khaolo 10:16-22
BIBELE e Halalelang
16Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.
17Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.
18Yaba o tloha pela Faro, a rapela Jehova.
19Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.
20Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a lokolla bana ba Iseraele.
21Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, lefifi le tle le be teng naheng ya Egepeta, motho a tle a be a phopholetse lefifing leo.
22Moshe a otlollela letsoho la hae hodimo, mme lefifi le letsho la eba teng naheng yohle ya Egepeta ka tshiu tse tharo.