Eksoda
Khaolo 12:28-34
BIBELE e Halalelang
28Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.
29Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.
30Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae kaofela, le Baegepeta bohle; ha eba seboko se seholo Egepeta, hobane ho ne ho se ntlo e hlokang mofu.
31A bitsa Moshe le Aarone bosiu, a re: Tlohang, le tswe setjhabeng sa ka, lona le bana ba Iseraele, le ye, le sebeletse Jehova, jwalokaha le boletse.
32Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.
33Baegepeta ba horohosa setjhaba ka matla, ba se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: Re tla shwa kaofela.
34Batho ba inkela hlama ya bona e eso ho hohomohe, ba phuthela merifi ya bona ya ho dubela dikobong tsa bona, ba e jara mahetleng a bona.