Eksoda
Khaolo 12:32-38
BIBELE e Halalelang
32Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.
33Baegepeta ba horohosa setjhaba ka matla, ba se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: Re tla shwa kaofela.
34Batho ba inkela hlama ya bona e eso ho hohomohe, ba phuthela merifi ya bona ya ho dubela dikobong tsa bona, ba e jara mahetleng a bona.
35Bana ba Iseraele ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, ba qela mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta le diaparo ho Baegepeta.
36Jehova a etsa hore setjhaba se bone mohau mahlong a Baegepeta hore ba ba nee, mme ba hlobodisa Baegepeta.
37Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
38Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.