Eksoda
Khaolo 19:12-18
BIBELE e Halalelang
12O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.
13Ho se be motho ya e amang ka letsoho, a mpe a tlepetswe ka majwe, mohlomong a bolawe ka metsu; kapa e leng phoofolo, kapa e leng motho a ke ke a phela. Etlare ha terompeta e lla, ba tle ba tle thabeng.
14Yaba Moshe o theoha thabeng, a ya ho setjhaba; a hlwekisa setjhaba, mme ba hlatswa diaparo tsa bona.
15A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.
16Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.
17Yaba Moshe o ntsha setjhaba diahelong ho tla kgahlanyetsa Modimo, mme ba ema katlasa thaba, fatshe.
18Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.