Eksoda
Khaolo 19:20-25
BIBELE e Halalelang
20Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.
21Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.
22Esita le baprista ba atamelang Jehova, ba ikgalaletse le bona, esere Jehova a ba bolaya.
23Yaba Moshe o re ho Jehova: Ha ho kamoo setjhaba se ka nyolohelang thabeng ya Sinai kateng, hobane o se o re boleletse, wa re: Etsetsang thaba moedi, e be ntho e halalelang.
24Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.
25Yaba Moshe o theohela ho setjhaba, a se bolella.