Eksoda
Khaolo 2:19-25
BIBELE e Halalelang
19Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku.
20Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe.
21Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae.
22A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.
23Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.
24Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.
25Modimo wa tadima bana ba Iseraele, mme wa ba hlokomela.