Eksoda
Khaolo 22:10-16
BIBELE e Halalelang
10Ekare ha motho a nea wa habo esele, kapa kgomo, kapa konyana, leha e le phoofolo e nngwe ho e boloka, mme e eshwa, kapa e robeha setho, kapa e utsuwa ho sa bonwe motho;
11kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.
12Empa ha ho fihlelwa hoba phoofolo e kile ya utsuwa, o tla lefela monga yona.
13Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.
14Ekare ha motho a adimile phoofolo ho wa habo, mme ya tshoha e robeha setho, kapa ya eshwa, monga yona a le siyo, o tla e lefa.
15Ha monga yona a ne a le teng, ha a na ho lefa; ha e ne e adimilwe, tefo ya kadimo e eme bakeng sa yona.
16Ekare ha motho a thetsa morwetsana ya sa lebeletswang, mme a robala le yena, e ka kgona a mo etse mosadi wa hae, a be a mo ntshetse mpho.