Eksoda
Khaolo 23:2-8
BIBELE e Halalelang
2O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka.
3Empa le teng o se ke wa etsetsa mofutsana leema nyeweng ya hae.
4Ekare ha o teana le kgomo ya sera sa hao, kapa esele ya sona e lahlehileng, o e busetse ho sona.
5Leha o bona esele ya ya o hloileng e imetswe ke phahlo ya yona, o se ke wa e tlohela o sa e imolla, o ntoo tloha le yona.
6O se ke wa kgelosa nyewe e lokileng ya mofutsana wa heno.
7Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile.
8O se ke wa amohela mpho; etswe mpho e foufatsa ba bontshisang, mme e kgopamisa dipuo tsa ba lokileng.